Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 69:26 - BIBELE

26 Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 69:26
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moporofeta wa Modimo o ne a le teng moo, lebitso la hae e le Odede. A ya kgahlanyetsa lebotho le fihlileng Samaria, a re ho lona: “Bonang mona: Kaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a ne a halefetse setjhaba sa Juda, o neelane ka sona matsohong a lona. Le se bolaile le halefile haholo, mme kgalefo ya lona e fihlile lehodimong.


Ba tjhekile mamena tseleng ya ka, ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka, ba re: ‘Ha a na mothusi!’


Motho eo ha a a ka a hopola, a hopola ho ba mohau, empa a hlorisa mohlophehi, a hlorisa le mofutsana, a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.


Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo.


feela ke mpa ke halefile haholo, ke halefetse baditjhaba ba iketlileng, hobane eitse ha ke ne ke halefile hanyenyane, yaba ba eketsa matshwenyeho a lona.’


“Tsoha, wena sabole, o lwantshe modisa wa ka, o lwantshe yena ya haufi le nna!” ho rialo Morena wa mabotho. “Otla modisa, dinku di tle di qhalane; nna ke tla otla le dikonyana.


Bajuda ke bona ba ileng ba bolaya Morena Jesu le baporofeta, mme le rona ba re hlorisitse haholo. Ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsana le batho bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ