Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 69:21 - BIBELE

21 Sekgobo se hlabile pelo ya ka, ke fedile; ke ne ke lebeletse kutlwelobohloko, empa ha ke a ka ka e fumana; ka batla batshedisi, ka se ke ka ba fumana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ba nneile nyoko e be dijo tsa ka, mme ho nyorweng ha ka ba nnositse asene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 69:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.


Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta: “Bonang, ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a babang sa leshokgwa, hobane ho silafala ho tletseng kahara naha ke ho tswang ho baporofeta, baporofeta ba Jerusalema.”


“Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena.


Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko.


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!”


ba mo nea veine e tswakilweng le nyooko hore a e nwe, empa hoba a e latswe, a hana ho e nwa.


E mong wa bona a phakisa a matha, a nka semonyametsi, a se kenya aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe.


Ba mo fa veine e tswakilweng ka mmira, empa yena a e hana.


E mong wa bona a phakisa a matha, a ina semonyametsi aseneng, a se hloma leqaleng, mme a mo nea hore a nwe, a re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo fanyolla.”


Le bahlabani ba mo soma; ba atamela, ba mo fa asene,


Hara lona ho se be monna kapa mosadi, kapa ba lelapa, kapa ba morabe, bao kajeno dipelo tsa bona di ka furallang Morena Modimo wa rona, mme ba ya ho sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, esere mohlomong hara lona ha eba le mothapo o behang leshokgwa le lengana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ