Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:9 - BIBELE

9 lefatshe la na la reketla, mahodimo a nesa pula mahlong a Modimo, Modimo wa Sinai, Modimo wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Modimo wa nesa pula ya medupe, mme lefa la hao le kgathetseng wa le tiisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:9
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lentswe la re: “Tsamaya, o yo ema hodima thaba, kapele ho Morena.” Yaba Morena o a feta. Moya wa sefefo se matla, o eteletseng Morena pele, wa heletsa dithaba, wa kgepholaka mafika, empa Morena o ne a le siyo kahara moya oo. Hoba moya oo o fete, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe, empa Morena o ne a le siyo kahara tshisinyeho eo.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


“Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.


ke tla nesetsa naha ya lona pula ka nako ya yona, e leng dipula tsa selemo, le dipula tsa hwetla, hore le tle le kotule koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona.


“Morena, ha o futuha o etswa Seire, o haola, o etswa naheng ya Edomo, lefatshe la na la thothomela, mahodimo a thwathwaretsaka, e, maru a nesa ya ditlwebelele.


Dithaba tsa qhibidiha kapela Morena, le Sinai ya qhibidiha kapela Morena Modimo wa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ