Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:8 - BIBELE

8 Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 lefatshe la reketla, mahodimo a ruthutha pela Modimo, le yona Sinai pela sefahleho sa Modimo, Modimo wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wena lefatshe, thothomela, thothomela pela fahleho sa Morena, pela sefahleho sa Modimo wa Jakobo;


O tla mpoloka ke se na kodi, o mpee kapela hao kamehla.


Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung.


Maru a nesa pula, mahodimo a thwathwaretsa, mahadima a hao a tsekema kahohle.


Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


Ke tla o nea matlotlo a patilweng hara mafifi, maruo a patilweng dikgotjheletsaneng, o tle o tsebe hore ke nna Morena, Modimo wa Iseraele, ya o bitsang ka lebitso.


Oho, hoja wa phetla mahodimo wa theoha, thaba di tle di reketle ha di o bona!


Ha o ne o etsa tse tshosang, tseo re neng re sa di lebella, o ile wa theoha, thaba tsa reketla ha di o bona.


O no futuha ho ya lopolla tjhaba sa hao, o ilo pholosa motlotsuwa wa hao. Molaodi wa ba kgopo o mo timeditse, wa mo hlobodisa ho tloha hodima hlooho, wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong.


Mohlang oo lentswe la hae la na la reketlisa lefatshe, empa kajeno o boletse hona, a re: “Ke sa tla boela ke reketlisa lefatshe hanngwe hape; e seng lona feela, empa le lona lehodimo.”


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Debora a re ho Barake: “Tsamaya! Lena ke letsatsi leo ka lona Morena a neelanang ka Sisera matsohong a hao. Ha ke re Morena o se a o eteletse pele?” Barake a theoha thabeng ya Tabore, a ena le banna ba dikete tse leshome.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ