Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:6 - BIBELE

6 Modimo ke ntata dikgutsana, ke mosireletsi wa bahlolohadi, o leahong la hae le halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Modimo o lokisetsa ba qhalaneng bodulo, o lokolla ba tshwerweng ho ba kenya naleng; empa bakwenehi ba ikahella naheng e tshehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Ba bang ba ne ba phela lefifing le letsholetsho, ba tlamilwe ke ditlhopheho le ke wona mahlaahlela,


A ba ntsha lefifing, le bodutung, a kgaola ditlamo tsa bona.


Mobu o nonneng a o fetola lenyekethe, ka baka la bokgopo ba baahi ba teng.


O fa nyopa lelapa, a e etse mma bana ya thabileng. Haleluja!


o ahlolela ba hateletsweng, o fepa ba lapileng; Morena o lokolla batlamuwa,


Ba eisehang ba tla bona, ba thabe; lona, ba batlang Modimo, betang dipelo.


hoba Mosireletsi wa tsona o matla, ke yena ya tla emela nyewe ya tsona.


Moya wa Morena Modimo o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba swabileng, ho phatlalletsa bathopuwa tsa tokoloho, le hore ba tjhankaneng ba tla lokollwa;


Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa, a be poosho sa mohla a tswalwang; ke mo etse hore a ke lehwatata, ke mo fetole e be sebataolo, ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora.


Esau yena ka mo hloya, ka fetola dithaba tsa hae matswatlare, lefa la hae lona ka le tlohella dibatana tsa naha.”


Hanghang ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, hoo metheo ya tjhankana e bileng ya reketla, mme ka ho panya ha ntshi menyako yohle ya buleha, mahlaahlela a bohle a lokoloha.


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Thaba, wena nyopa, wena ya sa beleheng; tsanyaola, o bine ka thabo, wena ya sa kang a utlwa bohloko ba pelehi; hobane bana ba mosadi ya lahlilweng ba bangata ho feta ba mosadi ya nyetsweng.”


O ahlola kgutsana le mohlolohadi ka toka, o rata mojaki, o a mo fepa, o a mo apesa.


Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ