Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:30 - BIBELE

30 Ka baka la Tempele ya hao, Tempele e Jerusalema, dikgosi di tla o nyehella ka dimpho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:30
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ntle ho eo a neng a e fumana ka lekgetho le lefiswang bahwebi le barekisi. Dikgosi tsohle tsa Arabia, le babusi ba ditereke, le bona ba tlisetsa Solomone kgauta le silefera.


Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.


E botha tlasa difate tsa leoka, e ipata mokgwabong hara lehlaka.


Nna ke motho wa kgotso, empa ha ke bua ka kgotso, bona ba batla ntwa.


O nnamolela meferefereng ya setjhaba, o nketsa mmusi wa ditjhaba; ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.


Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang.


Dinare di tla bolawa, di bolawe mmoho le bona, ho bolawe le dipohwana le poho tsa diqhashola. Naha ya bona e tla ba qhafutso ya madi, mobu wa bona o tshwetshwethe mafura.


“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


Kahoo ditjhaba tse ngata, tse matla, di tla tla Jerusalema ho tla rapela Morena wa mabotho le ho ipiletsa ho yena.”


Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo,


Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ