Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 68:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Modimo a o ke o tsohe, dira tsa wona di ke di qhalane, le ba o hloyang ba ke ba balehe pela wona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 68:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tloo Morena Modimo, o ye sebakeng sa hao, sa phomolo, wena le areka e bonahatsang matla a hao. Baprista ba hao, Morena Modimo, ba ke ba aparelwe ke pholoho, bahalaledi ba hao ba thabele ho loka.


Kgosi e tshepile Morena, ka baka la mohau wa Ya Hodimodimo, e ke ke ya sisinngwa.


Meya ya rona e kudupana leroleng, re hahaba fatshe ka dimpa.


Modimo ya nkgauhelang o tla nthusetsa, Modimo o tla etsa hore ke telle ba ntaletseng.


Ha lona le ne le paqame, le paqame marakong a masaka, bona ba ne ba ka maebana a apesitswe ka silefera, ao masiba a wona a phatsimang, a phatsimang sa kgauta e tshehla,


Ka baka la Tempele ya hao, Tempele e Jerusalema, dikgosi di tla o nyehella ka dimpho.


Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Ha tolo la hao le thwathwaretsa, tjhaba di a baleha, ha o phahama, tjhaba di a phasalla.


Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole.


Yaba tshepe, le letsopa, le lethose, le silefera, le kgauta, le tsona di a thuakana, di tshwana le mmoko o seotlong ha ho polwa e le hlabula. Moya wa di fefola, tsa nyamella ruri. Lejwe le ileng la thuakanya setshwantsho la fetoha thabahadi e ileng ya bonahala lefatsheng lohle.


Ha areka e tloha, Moshe o ne a ye a re: “Tsoha, Morena, dira tsa hao di qhalane! Batho ba o hloileng ba balehe kapele ho wena!”


Ba mo hloyang sefahlamahlo o ba putsa ka ho ba timetsa. Ba mo hloyang sefahlamahlo ha a ba diehele, o ba timetsa hanghang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ