9 Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella.
9 O pholositse meya ya rona, ha o a ka wa lesa maoto a rona a kgothometseha.
A ke ke a sisinngwa le ka mohla, ya lokileng o tla nne a hopolwe, a hopolwe kamehla yohle.
A ke ke a tlohela leoto la hao, a le tlohella ho thella, molebedi wa hao a ke ke a otsela.
Efela lere la ba kgopo le ke ke la busa lefatshe le abetsweng ba lokileng, esere ba lokileng ba kenya matsoho a bona bokgopong.
hobane puso ke ya Morena, mme o rena hodima ditjhaba.
Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.
Ke ho Modimo feela moo moya wa ka o ka phomolang, pholoho ya ka e tswa ho yena.
Moya wa ka o phomola ho Modimo feela, hobane tshepo ya ka e tswa ho yena.
Moo ke reng: “Leoto la ka le a thella,” mohau wa hao o a ntshehetsa, Morena.
“Re phela ka yena, re tsamaya ka yena, re teng ka yena, jwalokaha le baroki ba bang ba lona ba itse: “ ‘Hobane re bile re bana ba hae.’
O tataisa maoto a bahalaledi ba hae, athe ba kgopo ba tla timella lefifing, hobane motho ha a hlole ka matla a hae.
Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.