Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 66:7 - BIBELE

7 Ka matla a hae o busa kamehla, mahlo a hae a disa ditjhaba, esere bahanyetsi ba boela ba tsoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka matla a wona o ntse o busa ka ho sa yeng kae; mahlo a wona a fadimeha hodima ditjhaba; bakwenehi ba se ke ba ikgodisa. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 66:7
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o bona tsohle tse lefatsheng, ho matlafatsa le ho thusa ba mo tshepang ka dipelo tsohle tsa bona. Empa mona teng o sebeditse ka bothoto; ka baka leo, ho tloha jwale o tla lweba kahara ntwa.”


Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha?


Morena o ka tempeleng ya hae e halalelang, terone ya Morena e mahodimong. Mahlo a hae a bona bana ba batho, o a ba tadimisisa, o a ba hlahloba.


Morena, monga ka, mopholosi wa ka ya matla, o sireletsa hlooho ya ka, o e sireletsa ka nako ya ntwa.


Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, le puso ya hao ke ya meloko yohle. Morena o tshepahala dipolelong tsohle tsa hae, o mohau mesebetsing yohle ya hae.


Morena o tadima a le mahodimong, a bone bana bohle ba batho;


Se tshepeng ho hanyapetsa batho, se ithetseng ka ho ikgapela maruo, ka ho ikgapela maruo a ba bang; leha maruo a lona a ka eketseha, se beeng pelo tsa lona ho wona.


le se ke la kgantsha matla hakaalo, kapa la bua le sataladitse melala.’ ”


Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.”


“Ha nako e badilweng e se e fetile, nna Nebukadenesare, ke ile ka lelaletsa mahlo a ka lehodimong, kelello ya ka ya botho ya kgutla, yaba ke roka Ya Hodimodimo, ke a mo rorisa, ke tlotlisa yena ya phelang kamehla yohle: “Puso ya hae e hlola kamehla yohle, mmuso wa hae o akaretsa meloko yohle!


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ