Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao.
Di ke ke tsa senya kapa tsa ntsha kotsi, hohle Thabeng ya ka e halalelang, hobane fatshe le tla be le tletse tsebo ya Morena, jwalokaha lewatle le tletse metsi.
Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”
Ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba. Dibakeng tsohle ke tla nyehellwa ka sehlabelo sa mokubetso, le sa dinyehelo tse hlwekileng, hobane lebitso la ka le tla ba leholo hara ditjhaba,” ho rialo Morena wa mabotho.
Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”