Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 66:3 - BIBELE

3 Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 66:3
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Puso le tshabo di tswa ho Modimo, ke mothei wa kgotso mahodimong a hae a hodimo.


O nnamolela meferefereng ya setjhaba, o nketsa mmusi wa ditjhaba; ditjhaba di a ntshebeletsa, ditjhaba tseo ke neng ke sa di tsebe.


Hang ha di nkutlwa di a mmamela; di ipea tlasa puso ya ka ha di mpona.


Lona ditjhaba tsohle, opang mahofi; faphang Modimo ka mehoo ya thabo.


Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao.


Ka baka la Tempele ya hao, Tempele e Jerusalema, dikgosi di tla o nyehella ka dimpho.


Etsang dikano, le di etsetse Morena Modimo wa lona, le be le di phethe; ditjhaba tsohle tse kamathoko di nyehelle Ya Tshajwang,


nka be ke kokobetsa dira tsa hae, ke di kokobetsa hanghang, ke hlola ba mo lwantshang, ke ba hlola ka letsoho la ka.


Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”


Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Kahoo ditjhaba tse matla di tla o tlotlisa, metse ya tjhaba tse sehloho e o tshabe,


Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.


Ha o ne o etsa tse tshosang, tseo re neng re sa di lebella, o ile wa theoha, thaba tsa reketla ha di o bona.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ