Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 66:2 - BIBELE

2 mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae, le mo rorise ka mokgwa o tlotlehang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Rokang kganya ya lebitso la wona, le o tlotlise ka dithoko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 66:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Balevi, e leng bo-Jeshua, le Kademiele, le Bani, le Hashabeniya, le Sherebiya, le Hodiya, le Shebaniya, le Petahiya, ba re: “Emang, le boke Morena Modimo wa lona, ya hlolang kamehla yohle! Lebitso la hao le tlotlehang le bokwe, le fetang dipoko tsohle le dithoko tsohle!


Ke mang ya ka bolelang ketso tse matla tsa Morena, ya ka tumisang thoriso yohle ya hae?


Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.


Ba nyehele ka mahlabelo a teboho, ba tumise mesebetsi ya hae, ba e tumise ka mehoo ya thabo.


Binelang Modimo, lona mebuso ya lefatshe, le roke Morena.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, e leng yena a inotshi ya etsang dimakatso.


Ako re thuse, Modimo, wena mopholosi wa rona, bitso la hao le tle le tlotliswe; ako re namolele, mme o re tshwarele dibe ka baka la lebitso la hao.


Ba ke ba tlotlise Morena, ba phatlalatse thoriso ya hae dihlekehlekeng.


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


Di ne di howeletsana, di re: “O a halalela! O a halalela! O a halalela Morena wa mabotho, fatshe lohle le tletse tlotla ya hae!”


Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re: “Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ