18 Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,
18 Hola eba ke hopotse bokgopo pelong ya ka, Morena a ka be a sa ka a nkutlwa;
Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa.
Hlokomela, o se sekamele bokgopong, boo o bo ratang ho feta tlokotsi.
Morena o emeletse thoko, thoko le ba kgopo, thapelo ya ba lokileng o e sekehela tsebe.
Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.
Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.
Ya ithibang ditsebe hore a se utlwe molao, thapelo tsa hae le tsona ke manyala.
Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.
Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.
Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona.