Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 65:8 - BIBELE

8 o kgutsisa ho tuduana ha mawatle, ho tuduana ha maqhubu a wona, le ho dumaduma ha ditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba ahileng pheletsong tsa lefatshe ba tshoha mehlolo ya hao; o thabisa ba ahileng botjhabela le bophirimela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 65:8
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ha feela lefatshe le sa ntse le le teng, nako ya ho jala le ya ho kotula, mohatsela le mofuthu, hlabula le mariha, motsheare le bosiu, di ke ke tsa phetsa ho ba teng.”


“Haesale o tswalwa na o kila laolela meso dinako, wa laela mafube ho hlaha ka nako ya wona,


A kgutsisa sefefo, mme maqhubu a kgaotsa ho befa.


Yaba re keketeha ke ditsheho, maleme a rona a etsa ditlatse. Jwale hara ditjhaba ha thwe: “Morena o ba etseditse tse kgolo.”


Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae.


letsatsi ho busa motsheare; mohau wa hae ke wa kamehla yohle;


Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi, mo roriseng, lona dinaledi tsohle tse phatsimang.


Empa modumo wa tsona o anetse lefatshe lohle, polelo tsa tsona di finyeletse, di finyeletse pheletsong tsa lefatshe. Mahodimong, Modimo o hlometse letsatsi tente,


Nkope, ke tla o nea ditjhaba e be lefa la hao, le lefatshe ka bophara ba lona e be leruo la hao.


Makgulo a lehwatata a tshwetshwetha metsi, maralla a aparetswe ke thabo.


Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.


Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona.


Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang.


Tjhaba di tla kgoroha sa metsi a le mangata, empa ha Modimo a di kgalema di a baleha, di fefolwa ke moya sa mmoko hodima dithaba, jwalokaha mahlokwa a fefolwa ke sefefo.


Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.


Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ