Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 65:5 - BIBELE

5 Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 65:5
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bang ba tsamaya lewatleng ka dikepe, ba hweba ka ho haola mawatle.


Morena o lokile ho tsohle tseo a di etsang, mesebetsing yohle ya hae o mohau.


Ba eisehang ba tla ja, ba kgore, ba batlang Morena ba tla mo rorisa; pelo tsa bona di ke di thabe kamehla.


Ba kgora manoni a ntlo ya hao; o ba nwesa nokaneng ya menate ya hao.


Wena mohale, tlamella sabole ya hao qholong; ka hlompho le ka botlotlehi ba hao,


Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.


Ho lehlohonolo ba phelang tlung ya hao, ba sa kgaotseng ho o rorisa.


O ile wa kokobetsa bohale bohle ba hao, wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


“Sokolohelang ho nna, le tle le pholohe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe; ke nna Modimo, ha ho na e mong.


Ho loka ha ka ho se ho atametse, ho pholosa ha ka ho se ho le tseleng, toka e tla tlisetswa ditjhaba ke letsoho la ka. Ba dihlekehlekeng ba tla ntebella ka tjheseho, ba lebelle ka tshepo ho sireletswa ke tsoho la ka.


Tsena o tla di bona, thabo ya hao e kgaphatsehe, pelo ya hao e kokomohe ke ho nyakalla haholo. Matlotlo a lewatle e tla ba a hao, maruo a baditjhaba a tla tliswa ho wena.


“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.


Ho bona Morena o tla tshabeha, a fedise medingwana yohle ya lefatshe. Tjhaba tsohle tse mabopong di tla mo kgumamela, motho ka mong a mo kgumamele a le ha habo.”


“Mohla tsatsi leo, wena mohlanka wa ka, Serubabele, mora wa Shealetiele, ke tla o nka, ke o sebedise jwaloka lesale la ka la tiiso, hobane ke o kgethile,” ho rialo Morena wa mabotho.


Morena o re: “Ke tla amoha Efraime kariki tsa ntwa, ke amohe Jerusalema dipere tsa ntwa, seqha sa ntwa ebe sona ke a se roba. Kgosi eo e tla tlisetsa ditjhaba kgotso, e buse ho akaretsa mawatle wohle, e buse ho tloha Nokeng ya Euferatese, e yo fihla pheletsong tsa lefatshe.”


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Ke yena thoriso ya lona, ke yena Modimo wa lona, ya le etseditseng dintho tsena tse kgolo, tse tshabehang, tseo le di boneng.


Kapa na ho teng modimo o mong o kileng wa leka ho inkela setjhaba, hara setjhaba se seng ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka ditshoso tse kgolo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ile a etsa ho lona, moo le ntseng le bona, ha le sa le Egepeta?


Ka utlwa lengeloi le laolang metsi le re: “Wena ya leng teng, ya bileng teng, Ya Halalelang, o Ya Lokileng, hobane o ahlotse tjena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ