Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 65:4 - BIBELE

4 ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 65:4
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o utlwe thapelo le kopo ya bona, o le leahong la hao le lehodimong, mme o ba sebeletse ka toka, o tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.


Morena o ikgethetse, a ikgethela leloko la Jakobo, e leng Iseraele, hore e be leruo la hae.


Pesalema ya Davida. Morena, ke mang ya ka dulang ka Tempeleng ya hao? Ke mang ya ka ahang thabeng ya hao e halalelang?


Empa nna, ha ke se ke ahloletswe, ke tla bona fahleho sa hao; ha ke tsoha ke tla kgotsofalla boteng ba hao.


Ruri lehlohonolo le mohau di tla ba le nna, ka matsatsi wohle a bophelo ba ka; mme ke tla phela ka tlung ya Morena, ke phele kateng kamehla yohle.


Lona menyako, bulehang! Ipuleng, lona menyako ya boholoholo, ho tle ho kene Kgosi e tlotlehang.


Ho lehlohonolo setjhaba seo Morena e leng Modimo wa sona, morabe oo a ikgethetseng wona, a ikgethela wona ho ba leruo la hae.


Modimo, mohau wa hao ke wa bohlokwa hakaakang! Bana ba batho ba tshabela moriting, moriting wa mapheo a hao.


Melato ya ka e mpupeditse hlooho, e nkimela jwaloka mojaro o boima.


Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano?


Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena.


Esitana le serobele se iphumanela leaho, le lefokotsane le iphumanela sehlaha, moo le beang madinyane a lona teng, haufi le dialetare tsa hao, wena, Morena wa mabotho, kgosi ya ka, le Modimo wa ka.


Ba kgathetseng ke tla ba kgatholla, ba lapileng ke tla ba fepa.”


Ke Modimo ofe ya tshwanang le wena? Ya tshwarelang dibe, a leballe ditlolo tsa masalla a setjhaba sa hae? Wena o Modimo ya sa halefeleng ruri, wena o Modimo ya thabelang ho hauhela.


Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.


Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng.


“Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a ka ke a hlola a etswa ho yona. Hodima hae ke tla ngola lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e ntjha, e theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ