Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 65:13 - BIBELE

13 Makgulo a lehwatata a tshwetshwetha metsi, maralla a aparetswe ke thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 65:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba, ke ka tsona a di fang nala.


Mediko ya rona e ke e tlale, e tsholohe dijo tsa mefutafuta. Manku a rona a ke a ate ka dikete, e be diketekete makgulong a rona;


Lefatshe le ke le aparelwe ke koro, e ekethehe qhoweng tsa dithaba, tjhai e be jwaloka ya Lebanone; metseng ho tlale batho, ba be jwaloka jwang ba naha, jwang bo tlokomang.


Dijalo tsa lona, tseo le di jalang masimong, Morena o tla di nesetsa pula, a le fe dijo tse ngata tse tswang mobung, tjhai e be kgolo. Mohlang oo, mehlape ya lona e fula makgulong a mangata.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.


Lona mahodimo binang ka thabo, wena lefatshe nyakalla, lona dithaba binang ka nyakallo! Morena o tshedisa setjhaba sa hae, o hauhela tjhaba sa hae se tujwang.


Binang pina tsa thabo, le di bine le le mmoho, binang lona masupi a Jerusalema, hobane Morena o tshedisitse, a tshedisa setjhaba sa hae, Morena o lopolotse Jerusalema.


Le tla tloha ka thabo, kgotso e le eteletse pele, dithaba le maralla di bine le di tadimile, fate tsohle tsa naha di le opele mahofi.


Rapeng tsa difate le masimong a Moabe, thabo le monyaka ha di sa fumanwa. Ke thibetse ho tswa ha veine, ho tswa ha yona ditlhotlelong, ha ho ya tlhotlang morara ka mehoo ya thabo. Le hoja mehoo yona e ntse utlwahala, mehoo eo hase mehoo ya thabo.


Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo.


Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana.


Leha ho le jwalo, ha a a ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tswang lehodimong le kotulo ka nako ya yona, ho le kgorisa, le ho nyakalatsa dipelo tsa lona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ