Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 64:4 - BIBELE

4 ba leotsang maleme a bona ba a leotsa sa disabole, ba hlabang ka mantswe a babang, mantswe a kang metsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ho hlaba motho ya se nang molato sephiring; ba phakisa ho phosetsa ho yena, ba sa tshabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 64:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a re ho bahlanka ba hae bohle ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang, re baleheng hobane re ke ke ra phonyoha ho Abosalome. Potlakang, re tsamayeng, esere a re fumana re sa le mona, a re etsa hampe, mme a bolaya baahi ba motse ona ka sabole.”


Jwale dira tsa rona di ntse di re: “E tla re ba hlokomela, kapa ba bona, re be re se re ikakgetse kahara bona, re ba bolaya, re emisa mosebetsi ona.”


Ba kgopo ba se ba hula diqha tsa bona, ba kgwesa metsu ya bona, ba e kgwesa ba le lefifing ho fula ba pelo di ntle.


O mpholositse ntweng, a mpha kgotso, leha ba mphutuhetseng ba ne ba le bangata.


Leleme la hae le ne le le monate, empa bora bo ne bo le teng, bo le teng ka pelong ya hae. Mantswe a hae a ne a thoba hamonate, empa e ne e le disabole tse hlabang.


Ke dutse hara ditau tse harolang batho; meno a tsona a ka marumo le metsu, maleme a tsona a ka sabole tse bohale.


Ba rera bokgopo, ba re: “Re lohile mano ka bohlale.” Mehopolo ya motho ke kweetsa, le pelo ya hae ke kweetsa.


Ka metsu ya hae molaodi wa na wa mo hlaba, mohla bahlabani ba neng ba re futuhetse, ba re futuhetse hore ba re qhalanye, ba thabetse ho bolaya bahlophehi, bahlophehi ba neng ba ipatile.


Eitse ha baprista ba baholo le mapolesa ba mmona, ba howa, ba re: “Mo thakgise! Mo thakgise!” Pilato a re ho bona: “Mo nkeng e le lona, le mo thakgise, hobane nna ha ke fumane molato ho yena!”


Saule a betsa lerumo, hobane o ne a re: “Ke tla hlabella Davida leboteng.” Empa Davida a qoba lerumo leo habedi.


Saule a leka ho hlabella Davida leboteng ka lerumo. Empa Davida a re thee! Yaba Saule o hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, mme a phonyoha hona bosiung boo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ