Ke mang eo ya tswang lehwatateng, a itshetlehile ka moratuwa wa hae? Tlasa sefate sa apole ke ile ka o tsosa, hona moo mmao a o emoletseng teng, hona moo mmao a o belehetseng teng.
empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.
“Nqalo ya Bafu e etsa mokutu ho o kgahlanyetsa, e tsosa bafu ho o dumedisa, bohle bao e neng e le babusi lefatsheng; bohle bao e neng e le dikgosi tsa ditjhaba, e ba emisa diteroneng tsa bona.
Ha motho a o sokela, a batla ho o bolaya, bophelo ba hao bo tla sireletswa ke Morena Modimo wa hao. Empa bophelo ba dira tsa hao bo tla lahlelwa hole, jwalokaha eka bo betswa ka letjeketjane.
Ho feta mona, Morena o tla neelana ka Baiseraele, le ka wena matsohong a Bafilesita. Hosasane wena le bara ba hao le tla be le le bafu jwaloka nna. Morena o tla neelana le ka mabotho a Baiseraele matsohong a Bafilesita.”