Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 63:11 - BIBELE

11 ba tla bolawa ka sabole e bohale, mme ba jewe ke diphiri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa morena o tla ithabela ho Modimo; bohle ba anang ka wona ba tla nyakalla; hobane melomo ya ba bolelang mashano e tla thijwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 63:11
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

kahoo mafutsana a ruile letshepa, molomo wa bokgopo o a kwaleha, o didimale.”


Ba pelo di ntle ba bona hoo, mme ba thaba, empa ba kgopo bona ba thijwa melomo.


“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Morena, ha ke ipiletsa ho wena ke se ke ka hlajwa ke dihlong, empa dihlong di ke di hlabe ba kgopo, ba kgutsiswe ka ho theolelwa Nqalong ya Bafu.


empa wena o re robokeletse, wa re robokella moo ho phelang diphokojwe, wa re kwahela ka lefifi, fifi le letsholetsho.


Mohla tsatsi leo, metseng e mehlano ya naha ya Egepeta, batho ba tla bua puo ya Bakanana, ba hlapanye ka lebitso ba Morena wa mabotho. O mong wa metse eo o tla bitswa Motse wa Timelo.


Ke hlapantse ka nna, molomo wa ka o buile ka ho loka, lentswe la ka le ke ke la fetohelwa. Mangwele wohle a tla nkgumamela, maleme wohle le wona a ikane ka nna.


Ya kopang tlhohonolofatso mona lefatsheng, o tla kopa ho hlohonolofatswa ke Modimo wa nnete; ya hlapanyang mona lefatsheng, o tla hlapanya ka Modimo wa nnete, hobane tsietsi tsa pele di tla be di lebetswe, le mahlong a ka di se di patehile.”


Etsa hore bana ba bona ba bolawe ke sekoboto, madi a bona a tshollwe ke sabole, basadi ba bona ba shwelwe ke bana ba bona, basadi ba bona e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu la sewa, bahlankana ba bona ba bolaelwe ntweng ka sabole.


bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


“O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae.


Modimo, kaha ho se e mong e moholo ho mo feta hore a hlapanye ka yena, o ile a ikana ka boyena mohla a etsetsang Aborahama tshepiso,


Jonathane a re ho Davida: “Se tshabe, hobane Saule, e leng ntate, a ke ke a o fumana. O tla ba kgosi ya Iseraele, mme nna ke tla ba letsoho la hao le letona. Le Saule, e leng ntate, o tseba jwalo.”


Jwale ke a tseba hore o tla fela o be kgosi, mme mmuso wa Iseraele o tla thewa ke wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ