Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”
Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.
Ke tla phunya mehlodi ya dinoka, ke e phunye tutudung tsa lehlabathe, kahara dikgohlo didiba di phorosele. Lehwatata ke tla le fetola le tlale matsha, naha e omeletseng e runyarunye didiba.
“Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ke sena,” ho rialo Morena. “Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.
Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”
Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”
Jesu a re ho yena: “O se ke wa ntshwara, hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate, empa eya ho bana beso, mme o ba bolelle, o re: ‘Ke nyolohela ho Ntate, le Ntata lona, Modimo wa ka, le Modimo wa lona!’ ”