Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 62:8 - BIBELE

8 Pholoho ya ka e tswa ho Modimo, le tlotla ya ka e tswa ho yena, ke yena lefika la ka le matla; Modimo ke setshabelo sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lona, setjhaba, le itshepise ka wona kamehla, le tshollele dipelo tsa lona pela wona! Modimo ke setshabelo sa rona. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 62:8
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.


Thapelo ya motho ya tsietsing, ya imetsweng, ya hlahisang sello sa hae kapele ho Morena.


Ke lla ho Morena ka lentswe le phahameng, ke etsa thapedi ho Morena ka lentswe le phahameng.


Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.


Tshepa Morena, o etse botle, o tle o iphelele lefatsheng ka kgotso.


Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?”


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona; ke thuso e teng kamehla, thuso matshwenyehong.


Ke jwaloka mohlolo ho ba bangata, empa wena o setshabelo sa ka sa nnete.


o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”


Empa Morena ke qhohosheane ya ka, Modimo wa ka ke lefika leo ke tshabelang ho lona.


Ya tshabang Morena o na le qhobosheane, bana ba hae ba fumana setshabelo.


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Itshepele Morena kamehla yohle, hobane Morena Modimo, ke Fika la mehla yohle.


Ke mang wa lona ya tshabang Morena, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing a se na lesedi? Ha a ke a tshepe lebitso la Morena, a itshetlehe ka Modimo wa hae.


Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.


Se ngongoreheng ka letho, empa tsohle tseo le di hlokang le di hlahise ho Modimo ka thapelo le kopo e nang le teboho.


E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng.


Jwale he, bana ba ka, phelang ka ho Kreste, e le hore mohla a iponahatsang re tle re be sebete, re se ke ra ba dihlong, ra honyela, ha a se a le teng.


Anna a araba, a re: “Tjhe, monga ka, nna ke mosadi ya tshwenyehileng moyeng. Ha ke a nwa veine kapa seno se tahang; ke ne ke mpa ke tshollela masisapelo a ka ho Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ