Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 62:11 - BIBELE

11 Se tshepeng ho hanyapetsa batho, se ithetseng ka ho ikgapela maruo, ka ho ikgapela maruo a ba bang; leha maruo a lona a ka eketseha, se beeng pelo tsa lona ho wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Modimo o boletse hang, mme ke utlwile habedi, ha ho thwe: Matla ke a Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 62:11
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera, le kgauta, le dinoko, le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo, le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.


Moporofeta Esaya a re: “Ba bone eng ka tlung ya hao?” Hesekiya a araba, a re: “Ba bone tsohle tse ka tlung ya ka. Ha ho letho ka matloleng a ka, leo ke sa ba bontshang lona.”


Modimo o bua ka mekgwa e le mengata, empa ha ho ya keng a hlokomele.


Ke se nkile ka bua, nke ke ka hlola ke araba; ke ile ka bua habedi, nke ke ka bua ho feta moo.”


Ha e le nna ke tla bina, ke rorise matla a hao, e sa le hosasa ke tla bolela, ke bolele tsa mohau wa hao ke di bolele ka mehoo ya thabo, hobane o bile qhobosheane ya ka, o bile setshabelo sa ka mohla tsatsi la matshwenyeho a ka.


Itshepele Morena kamehla yohle, hobane Morena Modimo, ke Fika la mehla yohle.


Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo, o ile wa atisa matlotlo a hao; ka baka la maruo ao a hao, boikakaso ba hao le bona ba tota.


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


o re phemise ho kena molekong, o mpe o re lopolle bobeng, hobane Mmuso ke wa hao, le matla, le tlotla, kamehla le mehla. Amen.’


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


Kamorao ho tsena ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi le buang lehodimong, le re: “Haleluja! Tlholo, le tlotla, le matla ke tsa Modimo wa rona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ