Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 61:7 - BIBELE

7 Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo, dilemo tsa yona di akaretse le meloko e tlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 a tle a dule teroneng pela Modimo ka ho sa yeng kae. Lokisa mohau le nnete, di tle di mo lebele!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 61:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”


ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi.


Lebitso la hao le ke le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: ‘Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele!’ Ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e tla tiya kamehla yohle.


E kopile bophelo ho wena, mme o e file bona, wa e ekeletsa ditshiu, kamehla le mehla.


Ha ke a ka ka pata ho loka ha hao, ka ho pata pelong ya ka, ke boletse botshepehi ba hao, ka bolela le yona thuso ya hao; ha ke a ka ka pata, ka patela phutheho e kgolo, ka e patela mohau le nnete ya hao.


Ka hona ke tla tseba hore o kgahlwa ke nna, ha sera sa ka se se se sa ithorisetse nna.


Nthomelle lesedi la hao le nnete ya hao, di tle di ntsamaise, di mphihlise thabeng ya hao e halalelang, di mphihlise leahong la hao.


Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.


Kgosi e sireletswa ke lerato le botshepehi terone ya yona e tsitsiswa ke lerato.


O tla bontsha Jakobo, o mmontshe botshepehi ba hao, Aborahama le yena o mo hauhele, jwalokaha o ila wa hlapanya, wa hlapanyetsa bo-ntata rona mehleng ya kgalekgale.


O tla rena hodima ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng, mme borena ba hae bo ke ke ba eba le bofelo.”


Kreste ha a a ka a kena ka Sehalalelong se entsweng ke batho, e leng setshwantsho feela sa Sehalalelo sa nnete, empa o kene lehodimong la sebele, moo jwale a tlang ho hlaha kapele ho Modimo sebakeng sa rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ