Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 60:7 - BIBELE

7 baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 60:7
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lere la bokgosi le ke ke la tloha ho Juda, le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae, ho fihlela monga lona a fihla, yena eo ditjhaba di tla mo mamela.


Ba bang ba morabe wa Manase le bona ba fetohela ka ho Davida, mohla a neng a ena le Bafilesita ha ba futuhetse Saule. Empa a se ke a thusa Bafilesita, hobane mahosana a bona a ne a ile a eletswa hore a mo leleke, a re: “O tla fetohela ka ho monga hae Saule, ebe re a bolawa.”


Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le karolo ya ba morabe wa Manase, ba neng ba le ka botjhabela ho Jorodane, ba ne ba le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi, ba hlometse ka mefuta yohle ya dihlomo.


Re pholose ka letsoho la hao le letona, o re utlwe, baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.


Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’


Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.


Lotho la abela morabe wa Manase naha, hobane e ne e le letsibolo la Josefa. Ha e le Makiri, letsibolo la Manase, ntata Gileade, o ile a abelwa naha ya Gileade, le ya Bashane, hobane e ne e le mohlabani.


Davida a re ho Akishe: “Ho lokile! O tla bona ntho eo mohlanka wa hao a tla e etsa!” Akishe a re ho Davida: “Ke hantle; o tla ba molebedi wa ka kamehla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ