Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 60:10 - BIBELE

10 Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa, leo ke itlhatswetsang ho lona, Edomo yona ke tla e hapa, Filesitiya teng ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Na hase wena Modimo, o neng o re lahlile, wena Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 60:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


Davida a hloma diahelo tsa mabotho naheng ya Baarame e Damaseka, mme Baarame ya eba bahlanka ba Davida ba mo thellang. Morena a thusa Davida hohle moo a neng a futuhela teng.


Ke mang ya tla nkisa motseng wa diqhobosheane? Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,


Jwale ke a tseba hore Morena o nea tlholo, o e nea Motlotsuwa wa hae, o mo arabela a le sehalalelong, a le sehalalelong sa hae sa lehodimo. O mo arabela ka ketso tse pholosang, ketso tsa letsoho la hae le letona.


Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


“Empa Morena a re ho nna: ‘Ere ho bona: Le se ke la nyoloha, mme le se ke la ya lwana, esere la hlolwa ke dira tsa lona, hobane ha ke yo hara lona.’


Morena Modimo wa lona, ke yena ya tsamayang le lona ho ya le lwanela, le ho le hlolela dira tsa lona, le ho le pholosa.’


Dikgosi tsena tsohle, le dinaha tsa tsona, Joshua a di hapa ka nako e le nngwe, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o ne a lwanela Baiseraele.


Ka baka leo, bana ba Iseraele ba ke ke ba tseba ho thulana le dira tsa bona; ba tla baleha dira tsa bona, hobane ba rohakilwe. Ha ke sa tla hlola ke eba le lona, haese feela ha le ka timetsa ntho eo e rohakehileng hara lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ