Ka baka la hobane pelo ya hao e bile bonolo, wa ikokobeletsa Modimo, ha o utlwa tsa hae tseo a di buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, wa ikokobeletsa nna, wa hahola diaparo tsa hao, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao, ho rialo Morena.
“Eya, o bolelle Hesekiya, o re: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.
a re: “Mahlomoleng a ka ka ipiletsa ho Morena, ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba. Ka kopa thuso ke le botebong ba Nqalo ya Bafu, mme wa utlwa lentswe la ka.
“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.