Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 6:8 - BIBELE

8 Mahlo a ka a motela ke maswabi, a fifala ka baka la batubi ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 6:8
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi, ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti.


O mpholositse lefung, a ntlhakola meokgo, a mphemisa ho kgoptjwa;


Tlohang ho nna, lona ba etsang bobe, ke boloke melao ya Modimo wa ka.


Oho, Modimo, hoja wa timetsa ba kgopo, hoja ba tshollang madi ba suthela hole le nna!


Morena o haufi le bohle ba mo rapelang, ba mo rapelang kannete.


Empa wena Morena, o thebe e ntshireletsang, o mpha seriti, o ntsosa molota.


Nkgauhele Morena, hobane ke matshwenyehong; mahlo a ka a motela ke maswabi, esita le moya wa ka, le mmele wa ka.


Na ba ka phonyoha ka baka la bokgopo ba bona? Oho, Modimo, ako dihe baditjhaba, o ba dihe ka kgalefo ya hao.


Oho, lona setjhaba sa Sione, lona ba ahileng Jerusalema, le ke ke la hlola le sa lla. Ha le ka ipiletsa ho yena, o tla le hauhela; hanghang ha a utlwa sello sa lona o tla le araba.


“Oho, Morena, ke a o kopa: Ako hopole kamoo ke o sebeleditseng kateng ka botshepehi, le ka pelo e se nang mano, mme ka etsa tse lokileng mahlong a hao.” Yaba Hesekiya o lla habohloko.


“Eya, o bolelle Hesekiya, o re: ‘Morena Modimo wa ntataomoholo Davida, o bua tjena: Ke utlwile thapelo ya hao, mme ke bone meokgo ya hao. Ke tla eketsa ditshiu tsa hao ka dilemo tse leshome le metso e mehlano.


Wa utlwa lentswe la ka ha ke ne ke re: “Se thibe tsebe ya hao ha ke fehelwa, ha ke fehelwa ke bile ke ipiletsa.”


“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,


Mohlang oo ke tla ba bolella pepenene, ke re: ‘Ha ke a ka ka le tseba; tlohang ho nna, lona ba etsang bokgopo!’ ”


O tla le bolella, a re: ‘Ha ke tsebe hore na le ba hokae. Tlohang ho nna, lona bohle ba etsang bokgopo!’


Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ