8 Ke bao ba bebera haholo, ka melomong ya bona ho tswa disabole, mme ba re: “Ke mang ya re utlwang?”
8 Empa wena, Jehova, o a ba tsheha, o soma ka ditjhaba kaofela.
Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”
Ya dutseng teroneng, lehodimong, o a ba tsheha, Morena o a ba soma.
empa Morena o tsheha ya kgopo, hobane o bona hore tsatsi la hae le a tla.
Ke dutse hara ditau tse harolang batho; meno a tsona a ka marumo le metsu, maleme a tsona a ka sabole tse bohale.
Ba a potlaka, ba itokisetsa nna, le hoja ke sa etsa phoso; tsoha, o nkgahlanyetse, mme o bone.
koduweng ya lona ke tla le ja tlepane, ke le je ditsheho ha tlokotsi e le wela hodimo.
empa ha a hana ho ba mamela, bolella kereke; haeba a hana ho mamela le yona kereke, mo tadime e le mohedene le molekgetho.