Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 59:12 - BIBELE

12 O se ke wa ba bolaya, esere tjhaba sa heso sa lebala; o ba qhale ka matla a hao, o ba dihe, wena Morena, thebe ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka mantswe wohle a melomo ya bona ho tswa dibe. A ba ke ba tshwaswe sefing sa boikgohomoso ba bona! Ba bolela mahlapa le mashano feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 59:12
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

babusi ba ditjhaba a ba amohe meelelo, a ba lelerise mahwatateng ho se na tsela,


Ya kgopo o a ikgantsha, o befetse ya hlophehileng; a ke a tshwaswe ke mano ao a a lohileng.


Molomong wa hae ho tswa ditlhapa, le mashano le bomenemene, lelemeng la hae ho maname bolotsana, ho maname le bona bokgopo.


Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.


Ho loka ha ba lokileng ho a ba lopolla, ba hlokang botshepehi ba tshwaswa ke ditakatso, takatso tsa bona tse mpe.


Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi.


Sethoto se timetswa ke dipuo tsa sona, se tshwaswa ke leraba la polelo tsa sona.


polelo tsa hao di tla o tshwasa, mantswe a hao a o etsetse leraba.


dipuo tsa bao e leng dira tsa ka, merero eo ba ntherelang yona letsatsi lohle.


Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.”


Ke mahlapa, ke leshano, ke dipolao, ke boshodu, ke ho etsa bohlola! Melao yohleyohle ba a e tlola, madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!


Mohla tsatsi leo ha o na ho ba dihlong ka baka la ho ntshitelwa ha hao. Ba ithorisang ka boikakaso ba hao ke tla ba fedisa kahare ho wena; o ke ke wa hlola o ikgohomosa, o le thabeng ya ka e halalelang.


Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”


ba re: “Morena, re hopotse hore mothetsi yane ha a sa phela, o ile a re: ‘Ke tla tsoha kamora matsatsi a mararo.’


Empa bona ba pheella, ba re: “O hlohleletsa setjhaba ka ho ruta Judea yohle, ho tloha Galelea ho fihlela kwano.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ