Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 57:2 - BIBELE

2 Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele, hobane ke tshabela ho wena. Ke tshabela moriting wa mapheo a hao, ho fihlela koduwa e ba e feta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke howeletsa ho Modimo, Mookamedi ya phahameng, Modimo o sebetsang bakeng sa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 57:2
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla phetha seo a ntheretseng sona. Morena, mohau wa hao ke wa kamehla yohle; o se lahle mosebetsi wa diatla tsa hao.


Morena, ako nnamolele, o nnamolele direng tsa ka, hobane ke tshabetse ho wena.


O mpaballe jwaloka thaka ya leihlo la hao; o mpate moriting wa mapheo a hao,


Ha e le nna ke ile ka re: “Morena, nkgauhele, mphodise hobane ke o sitetswe.”


Oho, Modimo, ako nkgauhele, hobane batho ba a nkgatakela, ba ntwantshang ba mpatisitse kamehla,


Morena, o re theela kgotso, hoba mesebetsi yohle ya rona e phethilwe ke wena.


Ikeleng tjhaba sa ka, le kene kamoreng tsa lona, ha le se le kene, le ikwalle kahara tsona, le ipate ho se hokae, kgalefo e be e fele.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi ona o motle hara lona o tla o ntshetsa pele ho fihlela Letsatsing la ho tla ha Kreste Jesu.


Ka baka leo, baratuwa, le lona le mamele jwaloka kamehla. Etsang jwalo, e seng feela ha ke le teng, empa haholoholo kajeno ha ke le siyo. Sebeletsang pholoho ya lona ka tshabo le ka thothomelo,


a ke a le fe tsohle tse molemo, tseo le di hlokang ho phetha thato ya hae. Tse mo kgahlisang a ke a di bope ka dipelong tsa rona, ka Jesu Kreste, ya lokelwang ke tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ