Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 56:4 - BIBELE

4 Wena Ya Hodimodimo, mohla ke tshohileng, ke tla tshepa wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke itshepetse Modimo, ha ke tshabe letho: motho a ka nketsang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 56:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehoshafate a tshoha, mme a ipiletsa ho Morena. A phatlalatsa hore naheng yohle ya Juda ho itingwe dijo.


Setjhaba sa Juda sa kgobokana ho tla ipiletsa ho Morena. Se ne se etswa metseng yohle ya Juda, ho tla ipiletsa ho Morena.


Morena o na le nna, ha ke tshabe letho; motho a ka nketsang?


Nnete ke moko wa lentswe la hao, dikahlolo tsohle tsa hao ke tse lokileng, ke tsa mehla yohle.


Morena o re: “Ka baka la ho tujwa ha bahlophehi, le la ho dumaela ha mafutsana, jwale ke kena dipakeng; ke tla ba fa pholoho eo ba e hloretseng.”


Ke kgumama ke shebile Tempeleng, Tempeleng ya hao e halalelang, ke boka lebitso la hao ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao; o tumisitse lebitso la hao le tshepiso ya hao ho feta tsohle.


Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


Bao lentswe la Modimo le tlileng ho bona, Molao o ba bitsa medimo, mme Mangolo ha a ka ke a etsollwa.


Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”


Davida o ne a tshwenyehile haholo; banna ba ne ba re ba mo tlepetsa ka majwe, hobane dipelo tsa bona di ne di utlwile bohloko, monna ka mong a llela bara ba hae le baradi ba hae. Empa Davida a ikgothatsa ka ho tshepa Morena Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ