Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 55:20 - BIBELE

20 Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse, yena eo esaleng a ituletse teroneng ya hae; hobane ha ba sokolohe, ha ba tshabe Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ba ntsha matsoho a bona ho tshwara ba dutseng ka kgotso le bona, ba roba selekane sa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 55:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna eo a re ho Joabe: “Leha o ne o ka mpha disilefera tse sekete, ke ne nke ke ka bolaya mora wa kgosi, hobane moo re ntseng re utlwa, kgosi e ile ya laela wena, le Abishai, le Itai, ya re: ‘Le mpaballele mohlankana Abosalome.’


Banna ba Juda ba fihla hona moo, ba tlotsa Davida hore e be kgosi ya morabe wa Juda. Ha tsebiswa Davida, ha thwe: “Banna ba Jabeshe-Gileade ke bona ba epetseng Saule.”


Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.


Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.


Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle, le lehloyo bakeng sa lerato.


Morena o utlwile kopo ya ka, Morena o amohetse thapelo ya ka.


Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka,


Nna ke tla mo etsa letsibolo, a phahamele dikgosi tsohle, kgosi tsa lefatshe.


Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka.


e hlole kamehla jwaloka kgwedi, paki eo e tshepahalang e mahodimong.”


Terone ya hao haesale e tiya ho tloha kgalekgale, haesale o le teng ho tloha mehleng ya kgalekgale.


Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo.


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


Ka nako eo, kgosi Heroda a tshwara batho ba bang ba kereke, ho ba hlokofatsa.


Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.” Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena.


Kajeno lena o bone kamoo Morena a neng a neelane ka wena matsohong a ka kateng, ha o le ka lehaheng. Ba bang ba ne ba re ke o bolaye, empa ke ile ka o hauhela, ka re: ‘Nke ke ka isa monga ka letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ