Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: ‘Ke yona ena,’ taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi.
Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.
Maleme a sona a ka metsu e mahloko, kamehla ha se bua, se bua leshano. Ka molomo, motho o bua hamonate, o bua ho motswalle, ka pelong o ntsa mo lokisetsa maraba.
Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.
Hona mohlang oo, ho ne ho ena le monna e mong wa bahlanka ba Saule, ya neng a tlamehile ho itlhahisa kapela Morena. Lebitso la hae e ne e le Doege wa Moedomo, e le mookamedi wa badisana ba Saule.