Davida a romela maqosa ho ya mo lata. Mosadi eo a tla, mme Davida a robala le yena. Mosadi enwa o ne a sa tswa hlatswa lehatlelo la hae. Kamora moo, mosadi a kgutlela ha hae.
Morena a romela Nathane ho Davida. Nathane a fihla ho yena, a re: “Motseng o mong ho ne ho ena le banna ba babedi, e mong a ruile, e mong a futsanehile.
Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.
Ha seaparo sa lesela la lene, kapa se lohilweng ka boya, kapa phahlo efe le efe e entsweng ka letlalo, e se e hlatswitswe, mme lefu le nyamela ho yona, e tla hlatsuwa kgetlo la bobedi, mme e tla ba e hlwekile.”
Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.
le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,
Ka mo araba, ka re: “Monghadi, ho tseba wena.” A re ho nna: “Ke ba tswang matshwenyehong a maholo. Ba hlatswitse diaparo tsa bona, mme ba di sweufatsa ka madi a Konyana.