Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 50:5 - BIBELE

5 O re: “Bokellang batshepuwa ba ka, le ba bokelle kapele ho nna, e leng ba entseng selekane le nna ba se entseng ka mahlabelo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Mpokelleleng baratuwa ba ka, e leng bohle ba entseng selekane le nna ka sehlabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 50:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena, o nnyolotse Nqalong ya Bafu, wa nkgutlisa ho ba neng ba theohela lebitleng.


Lona ba ratang Morena, hloyang bokgopo, o baballa bophelo ba batshepuwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba kgopo.


O baballa ba lokileng tseleng tsa bona, batshepuwa ba hae a ba sireletse.


Mokgetho wa bahlabani ba ka ke se ke o laetse, bahale ba ka ke ba bitsitse, ho phethahatsa kgalefo ya ka, bona ba thabelang ho hlola ha ka.


Le tla baleha le fete kgohlo ya thaba ya ka hobane kgohlo ya dithaba e tla be e hobaletse ho ya fihla Asale. Le tla baleha jwalokaha le ne le balehe ha lefatshe le reketla mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda. Jwale Morena Modimo wa ka, o tla tla a ena le bahalaledi bohle.


O tla roma mangeloi a hae ka terompeta e modumo o moholo, mme a tla phutha bakgethwa ba hae ba etswa diqoleng tse nne tsa lefatshe, ba etswa pheletsong e ka nqena ya mahodimo ho isa ho e ka nqane.”


hobane hona ke madi a ka a selekane, a tla tshollelwa ba bangata, a tshollelwa tshwarelo ya dibe.


Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona.


Ha e le tabeng ya ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, le ya ho ba mmoho le yena, re a le kopa, bana beso:


Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.


Modimo ya re fang kgotso, ya tsositseng Morena wa rona Jesu bafung, yena Jesu ya ileng a etswa modisa e moholo wa dinku ka madi a selekane se sa feleng,


Ke ka bona batho bana Henoke, wa moloko wa bosupa ho tloha ho Adama, a ileng a porofeta, a re: “Bonang, Morena o tla le mangeloi a hae a halalelang, a diketekete,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ