Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 50:16 - BIBELE

16 Empa ho ya kgopo Modimo o re: “O na le tokelo efe ya ho bolela melao ya ka, kapa ho boledisa selekane sa ka, o se boledisa ka molomo wa hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa Modimo o re ho molotshana: O etsang, ha o bolela melao ya ka? Molomo wa hao o bolela selekane sa ka keng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 50:16
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ke motswalle wa ba mo tshabang, o ba tsebisa selekane sa hae.


Maoto a sehlotsa a a fokola, maele a tswang molomong wa sethoto a jwalo.


Yaba Morena o a bua, o re: “Tjhaba sena se bua le nna ka melomo feela, se ntlhompha ka melomo ya sona feela, empa pelo tsa sona tsona di hole le nna; se ntshaba ho ya ka ditaelo tsa batho, ditaelo tseo se di rutilweng ke batho.


“Kgotso ha e yo ho batho ba kgopo,” ho rialo Morena.


Empa ha motho ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, boo a bo entseng, mme a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, a ke ke a shwa.


Modimo ke moya, mme ba mo kgumamelang eka kgona ba mo kgumamele ka moya le ka nnete.”


Empa ke hlokofatsa mmele wa ka, mme ke a o thapisa, esere mohlomong, ha ke se ke phatlalleditse ba bang molaetsa o molemo, yaba nna ke a lahlwa.


Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona, ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, le nna ha ke a ka ka ba natsa, ho rialo Morena.


Ba kgelohile tsela e nepahetseng, mme ba lahlehile ka ho latela tsela ya Bileame, mora wa Bosore, ya neng a hohelwa ke moputso wa bokgopo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ