Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 49:6 - BIBELE

6 Nka tshoha eng nakong tse mpe, ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 ba itshepetseng menono ya bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 49:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hamane a ba phetela tsa bongata ba maruo a hae, le kamoo bara ba hae ba leng bangata kateng, le mesebetsi yohle eo kgosi e mo phahamiseditseng ho yona, le kamoo e mmeileng ho okamela mahosana le bahlanka ba kgosi kateng.


A ke ke a tshoswa ke ho utlwa taba tse bohloko, pelo ya hae e matlafetse, o tshepile Morena;


pelo ya hae e tiile, ha a tshabe letho, o tella ba mo lwantshang.


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?


Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.


Bafo ke lefeela, marena ke thetso; sekaleng ba bobebe, kaofela ha bona ke lefeela.


Morui o tshepile maruo a hae, mofutsana o timetswa ke bofuma ba hae.


Ya tshepang maruo a hae o tla timela, ya lokileng o atleha jwaloka hlaku le letalana.


Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Efraime yena o a ithorisa, o re: “Ke ruile haholo, ke bokeletse matlotlo, ha ho na sebe, ha ho na bokgopo, ha ho na seo ba ka nqosang ka sona.”


Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Jesu a boela a re ho bona: “Bana ba ka, ho thata hakaakang ho kena Mmusong wa Modimo!


mme ke tla re ka moyeng wa ka: Ke na le dijo tse ngata, tse bokeletsweng ka dilemo tse ngata; a nke ke phomole, ke je, ke nwe, ke keteke!’


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ