3 lona bafo le lona marena, lona barui le mafutsana hammoho.
3 Molomo wa ka o tla bolela bohlale, dinahano tsa pelo ya ka di rute kutlwisiso.
Mantswe a ka ke a pelo e se nang mano, molomo wa ka o bua nnete eo ke e tsebang.
Haeba o sa re letho, eka kgona o mmamele; ako kgutse, mme ke tla o ruta bohlale.”
Menahano ya ka e ke e mo kgahle; nna ke thabela Morena.
Qaqiso ya mantswe a hao e a edisa, ba hlokang mano e ba nea kutlwisiso.
Phemisa mohlanka wa hao, o mo phemise boikgantsho, o se ke wa dumella hore bo mpuse. Kahoo ke tla hloka kodi, ke hloke molato wa sebe se seholo.
Molomo wa ya lokileng o bolela tsa bohlale, leleme la hae le bua tsa ho loka.
Lona batho ting! le tla ntlontlolla ho fihlela neng, le rate mafeela, le mathele mashano?
Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora. Pina ya lerato. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe”.
Thea tsebe o mamele polelo tsa ba bohlale, o ele hloko ho ithuta tseo ke di tsebang,
Motho ya lokileng o ntsha tse lokileng letlotlong le lokileng; athe motho ya kgopo o ntsha tse kgopo letlotlong le lebe.
Thuto tsa ka di tla rotha jwaloka pula, polelo tsa ka di monyele jwaloka phoka, jwaloka lefafatsane hodima jwang bo botalana, le jwaloka modupe hodima dijalo.