Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 49:11 - BIBELE

11 O tla fela a bone hore le ba bohlale ba a shwa, sethoto le lewatla ba timela ka ho tshwana, ba siele ba bang matlotlo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba lekanya hore matlo a bona a tla ba teng kamehla, le meaho ya bona e dule ho isa ditloholong le ditloholwaneng; e leng bao mabitso a bona a hlomphuwang lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 49:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kaine a kena dikobong tsa mosadi wa hae; mosadi a ithwala, a tswala Henoke. Kaine a haha motse, a o reella ka mora wa hae, Henoke.


Ha Abosalome a sa ntsane a phela, o ne a ile a ikgahela sefika ka Kgohlong ya Kgosi, hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla tsosa lebitso la ka.” Sefika seo a se reella ka yena, mme se ntse se bitswa Sefika sa Abosalome le kajeno-ya-bokajeno.


Ka pelong ya hae o re: “Nke ke ka sisinngwa ke letho, nke ke ka hlahelwa ke bobe le ka mohla.”


“Motho ya tsamayang o ka seriti feela, maruo ao a ipokellelang wona ke lefeela; ha a tsebe hore na a tla sebediswa ke mang.”


Morena, ako ntataise ka ho loka ha hao, ka baka la dira tsa ka tse ntaletseng. Batalatsa tsela ya hao kapele ho nna.


Ba tiile morerong wa bona o mobe, ba rera ho tjheha maraba, ba re: “Re tla bonwa ke mang?”


Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.


Motho a ka sebetsa ka bohlale ba hae le ka tsebo le ka toka, empa tsena o tla di siya e le lefa la ya sa di sebeletsang. Hona le hona ke lefeela le bomadimabe bo boholo.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohlang oo o tla fihlelwa ke mehopolo kelellong ya hao, ebe o rera merero e mebe.


Morena a re ho yena: “Lona, Bafarisi, le hlwekisa bokantle ba senwelo le ba mohope, empa bokahare ba lona bo tletse meharo le bokgopo.


Ka baka leo, bakela bokgopo bona ba hao, mme o rapele Morena hore mohlomong o tle o tshwarelwe mohopolo wa pelo ya hao;


Jaire, mora wa Manase, a nka setereke sohle sa Aregobe, ho ya fihla moeding wa Bageshure, le wa Bamaaka. Sebaka sena, esita le sa Bashane, a se reella ka yena, a re ke Metse ya Jaire, mme le kajeno-ya-bokajeno se sa ntse se bitswa jwalo.


Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ