Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 47:8 - BIBELE

8 Modimo ke kgosi ya lefatshe lohle, mo rokeng ka bokgeleke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Modimo o rena hodima ditjhaba; Modimo o dutse teroneng e halalelang ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 47:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahodimo a thabe, fatshe le nyakalle, hara matjhaba ho thwe: “Morena ke yena kgosi!”


O tla ahlola ditjhaba, ho tlale ditopo; o tla thuakanya hlooho tsa sera ka bophara ba lefatshe.


O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame.


Dira tsa ka di tjhetjhile ka santhao, di kgopilwe, tsa timela ha o hlaha,


Morena ke kgosi, o kgabile ka botlotlehi; matla ke seaparo sa hae le leqhama la hae. O tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha.


Na o ka ba le kopano le baahlodi, baahlodi ba kgopo, ba fetolang bobe molao?


Ereng ho baditjhaba: “Morena ke kgosi, o tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha; o ahlola ditjhaba ka ho loka.”


Morena ke kgosi; lefatshe le ke le nyakalle, dihlekehleke tse ngata di ke di thabe.


Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.


Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle.


Morena e tla ba yena kgosi ya lefatshe lohle. Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba mong, le lebitso la hae e be lona le inotshi.


“Ho madimabe mothetsi eo ereng ha a ena le phoofolo e tona mohlapeng wa hae, e ka amohelehang, a ikane hore o tla nyehela ka yona, empa ebe o etsetsa Morena sehlabelo ka e nang le sepha! Etswe nna ke kgosi e kgolo,” ho rialo Morena wa mabotho, “mme ke lokela ho hlomphuwa hara ditjhaba.”


Ka baka leo, a re atameleng ka sebete teroneng ya mohau, re tle re amohele lereko, re fumane le mohau ho re thusa ha re hloka thuso.


Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re: “Haleluja! O a busa Morena, Modimo wa rona ya matla wohle.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ