Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 45:8 - BIBELE

8 O rata ho loka, o hloile bokgopo. Kahoo Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya thabo, ho ena le balekane ba hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 45:8
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Diketso tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa ntlo eo a ileng a e haha ka manaka a tlou, le tsa metse yohle eo a ileng a e haha, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Morena o lokile, mme o rata tse lokileng; ba pelo di ntle ba tla bona fahleho sa hae.


Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo;


O tla mpontsha tsela ya bophelo; thabo e kgaphatsehang e fumanwa ho wena, ho ba ka tsohong la hao le letona ke monyaka o sa feleng.


e iswa ho kgosi e apere tse mahadihadi. Baetsana ba barwetsana ba tliswa ho kgosi.


Ho nna moratuwa o ka mokotlana o tshetseng mmira, o bang fubeng sa ka ka nako tsohle.


Menkwane ya ditlolo tsa hao e nkga hamonate, bitso la hao le ka setlolo ha se qhatsitswe, hase feela barwetsana ba o dumang!


Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo?


Tsatsi le eso tjhabe, meriti e eso honyele, ke tla nyolohela thabeng e metseng tlama tsa mmira, ke nyolohele leralleng le metseng tlama tsa mokubetso.


Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!


Marama a hae a ka rapa se metse dinoko, rapa sa ditlama di le monko o monate; melomo ya hae e ka mehaladitwe, mehaladitwe e rothang lero la mmira.


Ka tsoha ho bulela moratuwa monyako, mmira o rotha matsohong a ka, menwana le yona e rotha mmira, ha ke tshwara mohele wa lemati ke bula.


Ntlo e dulwang mariha ke tla e heletsa, ke heletse le e dulwang hlabula; matlo a kgabisitsweng, a kgabiswa ka manaka a tlou, a tla heletswa, mehohoma ya matlo e fetohe masupi,” ho rialo Morena.


Ha ba fihla ka tlung, ba bona ngwana le mmae Maria; ba itihela fatshe, mme ba kgumamela ngwana, ba nto bula matlole a bona, ba mo nyehella ka dimpho: kgauta, mokubetso, le mmira.


Ka tlung ya Ntate ho na le meaho e mengata; hoja ha ho jwalo, nka be ke le boleletse, hobane ke ya ho le lokisetsa bodulo.


Le Nikodema, yena ya neng a tle ho Jesu pele, bosiu, a tla a nkile motswako wa mmira le makgala o ka bang boima ba dikilo tse mashome a mararo.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ