Sedekiya, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: ‘Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame, ho fihlela o ba timetsa.’ ”
Ka bona pheleu ena e kgorohela bophirimela, le leboya, le borwa. Ho ne ho se sebatana se ka e emang kapele, kapa motho ya ka pholosang e mong ho yona. E ne e iketsetsa seo e se ratang, e bile e ikgohomosa.
Bohle e tla ba dinatla tsa batho, dira tsa bona ba di hatakele, ba di kgotlelle diretseng ba le ntweng. Ba tla lwana, hoba Morena o a ba thusetsa, bapalami ba dipere ba phasaphase.
Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’