Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 43:1 - BIBELE

1 Modimo, ako nkahlolele, o emele nyewe ya ka, o ntshireletse ho batho bana, batho bana ba se nang mohau, o ntopolle ho motho ya thetsang, o ntopolle le ho ya bolotsana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Oho Modimo, o nkahlolele, o nkemele ho setjhaba se se nang mohau! O mpoloke ho motho ya leshano, ya kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 43:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”


Jwale Abosalome a re ho Ahitofele: “Ako re eletse hore na re etse jwang.”


Ntwa ya aparela sebaka seo sohle. Ka letsatsi leo, batho ba ileng ba shwella ka morung ba eba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ka sabole.


Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.


Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.


Pesalema ya Davida. Morena, ako lwantshe ba ntwantshang, o futuhele ba mphutuhelang.


Nkahlolele ho ya ka toka ya hao, Morena Modimo wa ka, batho bao ba tle ba se ke ba ithabisa ka nna.


Baikgohomosi ba ke ke ba ema pela sefahleho sa hao; o hloile bohle ba etsang tse sa lokang.


Oho, Modimo, ako mpholose, mpholose ka baka la lebitso la hao, o nkahlolele ka matla a hao.


Thusa, Morena, o ntse o halefile! O tsohele dira tsa ka tse bohale, o di tsohele matla; tsoha Modimo wa ka, wena ya dihang kahlolo.


Phutheho ya ditjhaba e ke e o bokanele; wena o dule hodimodimo, o e okamele.


Morena o ahlola ditjhaba. Nkahlolele, Morena, ho ya ka ho loka ha ka, le ho ya ka ho hloka kodi ha ka.


Modimo wa ka, ako nnamolele, o nnamolele matsohong a ya kgopo, diatleng tsa ya sa lokang, tsa ya sehloho.


Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng.


hobane Morena o tla emela nyewe ya bona; ba ba jeleng le bona Morena o tla ba fedisa.


hoba Mosireletsi wa tsona o matla, ke yena ya tla emela nyewe ya tsona.


Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.


Ha ke ipone molato wa letho, empa hona ha ho bolele hore ha ke na molato. Ya nkahlolang ke Morena.


Ha a hlapaolwa, ha a a ka a busetsa; ha a hlokofatswa, ha a a ka a sokela motho, empa o ile a ipea matsohong a Moahlodi ya lokileng.


Ka baka leo, Morena e ke e be yena moahlodi, a ahlole pakeng tsa rona le wena. A ke a bone, a mpuelle, a nnamolele matsohong a hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ