Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 42:6 - BIBELE

6 Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Modimo wa ka, moya wa ka o hlorehile kahare ho nna; ka baka leo, ke o hopola ke le naheng ya Jordane, ho tloha Hermone le thabeng ya Mitseare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 42:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsamaya, ba tshela Jorodane. Ha mafube a hlaha, ho ne ho se le ya mong ya esong ho ka a tshela Jorodane.


Ha Davida a fihla Mahanaime, a kgahlanyetswa ke Shobi, mora wa Nahashe, ya tswang motseng wa Baamone wa Raba, le Makiri, mora wa Amiele wa Lo-Dabare, le Barasilai wa Mogileade ya tswang Rogeleme.


Ho jwaloka phoka ya Heremone, e lalang hodima dithaba tsa Sione; ke moo Morena a faneng ka tlhohonolofatso ya hae teng, e leng bophelo, bophelo ba kamehla le mehla.


Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka modumo wa “Kgama ya meso”.


Ke tla fihla aletareng ya Modimo, ho Modimo ya nthabisang. Ke tla nyakalla, ke o boke ka harepa, wena Modimo, Modimo wa ka.


Moya wa ka, o nyahametseng? O hloretseng ka sefubeng sa ka? Tshepa Modimo. Ke sa tla nne ke mmoke, yena mopholosi wa ka le Modimo wa ka.


Modimo, ako utlwe sello sa ka, ako mamele thapelo ya ka.


“Ha ke ne ke le makgatheng, makgatheng a ho shwa, ke ile ka o hopola, wena Morena, thapelo ya ka ya finyella ho wena, ka Tempeleng ya hao e halalelang.


A ya pejana, a itihela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senwelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang wena kateng, e seng nna.”


Yare ha e batla e eba hora ya boraro, Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: “Eli, Eli, lema sabakthani?” ke ho re: “Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ