Dipesaleme 42:4 - BIBELE4 Ke phela ka dikgapha motsheare le bosiu, ha kamehla ho ntse ho thwe ho nna: “O kae Modimo wa hao?” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)4 Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ho fihlela ke le isa naheng e kang ya lona, e leng naha e nang le koro le veine e ntjha; naha e nang le dijo le masimo a morara; naha e nang le ole ya mohlwaare le mahe a dinotshi, hore le tle le phele, le se ke la shwa. “ ‘Le se ke la mamela Hesekiya ha a ntse a le thetsa, a re: Morena o tla re namolela!
Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.
Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.