Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 42:3 - BIBELE

3 Moya wa ka o nyoretswe Modimo, o nyoretswe Modimo ya phelang: Ke tla ya neng, ke yo hlaha kapela Modimo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 42:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”


Dira tsa ka di ntlaka kamehla, ba nkgalefetseng ba nyefola lebitso la ka.


Keng ha baditjhaba ba ka re: “O kae Modimo wa bona?”


Ke phahamisa matsoho a ka, ke a phahamisetsa ho wena, moya wa ka o o nyoretswe jwaloka lefatshe le omeletseng.


Bohle ba mponang ba a ntshoma, ba nnyekoletsa melomo, ba ntshisinyetsa dihlooho, ba re:


Morena, dira tsa ka di ngata hakaakang! Ba bangata ba ntsohelang matla,


Ke tla re ho Modimo, Lefika la ka: “O ntebaletseng?” Keng ha ke tsamaya ke hlomohile ka baka la kgatello ya sera?


Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi.


Ke hobaneng ha baditjhaba ba tla re: “O kae Modimo wa bona?” A re ke re bone ka mahlo a rona ha o phetetsa madi a bahlanka ba hao, madi a tsholotsweng ke baditjhaba.


Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.


Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang?


Moya wa ka o motela ke ho hlolohela mabala a ntlo ya Morena; pelo ya ka le mmele wa ka di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse.


“Hararo ka selemo banna bohle ba heno ba tla hlaha kapele ho Morena Modimo.


Pakeng tsa lethule, lethule la Tempele le aletare, baprista, bahlanka ba Morena, ba lle, ba re: “Hauhela tjhaba sa hao, Morena; tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo, sa fetoha sesomo hara baditjhaba, esere baditjhaba ba se soma, ba re: ‘O kae Modimo eo wa bona?’ ”


Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng.


Ke motho ofe ya kileng a utlwa lentswe la Modimo ya phelang, le bua le etswa hara mollo, jwalokaha rona re le utlwile, mme a nna a phela?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ