Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 41:1 - BIBELE

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho lehlohonolo ya hlokomelang ya lesitsi!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 41:1
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O fana ka matsoho a mabedi, o fana ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle, o tsoha molota, o a tlotleha.


Morena o haufi le ba feletsweng ke tshepo, o pholosa ba meya e tetebetseng.


Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong tse mpe, matsatsing a tlala ba tla kgora.


Kamehla ya lokileng o mohau, o a adimana, mme ditloholo tsa hae ke tlhohonolofatso.


Ya nyedisang ya ahisaneng le yena o etsa sebe, empa ho lehlohonolo ya hauhelang mofutsana.


Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!”


Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang.


Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla.


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa.


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Kahobane o ile wa boloka lentswe la ka ka mamello, le nna ke tla o boloka ka nako ya ho lekwa ho tlang ho hlahela lefatshe lohle, ho leka baahi ba lefatshe.


Matsalae a re ho yena: “Kajeno o tswa kgwahlapisa kae? O ne o sebetsa kae? Ho ke ho hlohonolofatswe monna ya ileng a o hlokomela.” Ruthe a bolella matsalae hore na eo a neng a sebetsa ho yena ke mang, a re: “Lebitso la monna eo ke neng ke sebetsa ho yena kajeno ke Boase.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ