Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 40:2 - BIBELE

2 Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a nnyolla sekoting sa tshenyeho le tebetebeng ya diretse, a bea leoto la ka lefikeng, a tiisa mehato ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 40:2
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing.


Matlafatsa mehato ya ka ho ya ka tshepiso ya hao, o se dumelle hore ke buswe ke bobe.


Sera se a ntelekisa, se nkgatakella fatshe, se mphedisa lefifing jwaloka ba shweleng kgalekgale.


Mehato ya ka e latetse mehlala ya hao, maoto a ka ha a a ka a kgothometseha.


O nnea thebe ya hao e pholosang, letsoho la hao le letona le a ntshehetsa, paballo ya hao e a nkgodisa.


Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.


Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa, a ntshireletse motlotlwaneng wa hae, a mpate motsheo ho tente ya hae, a ntlhwesetse hodima lefika la pholoho.


Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.


Modimo, ako utlwe sello sa ka, ako mamele thapelo ya ka.


Ako mpholose Modimo, hobane metsi a a nkgama.


Le hoja o nkutlwisitse matshwenyeho, matshwenyeho a mangata, a bohloko, o tla boela o mmatlafatse, o boele o nnyolle botebong ba lefatshe;


Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu.


Kgosi di tla kgobokanngwa tsohle di be mmoho, di kgobokanngwe sa batshwaruwa ba le ka mohohlong, ebe di ya kwallwa ka tjhankaneng, kamora matsatsi a mangata di nto newa kotlo.


Morena o re: “Ka baka la selekane sa rona le wena, se tiisitsweng ka madi a mahlabelo, bathopuwa ba hao ke tla ba lokolla, ke ba ntshe ledumeleng le se nang metsi.


a ba lahlele seboping sa mollo, moo ho tla ba teng dillo le ditsikitlano tsa meno.”


Empa ke eo Modimo a mo tsositseng, a mo lokolla mahlokong a lefu, hobane ho ne ho ke ke ha etsahala hore lefu le mo tlamele ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ