1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
1 Ka na ka lebella Jehova ka ho tiya, a itshekamisetsa ho nna, a utlwa ho dumaela ha ka,
a ntshekehela tsebe, mohla ke neng ke ipiletsa ho yena.
Morena, ako utlwe lentswe la ka! Tsebe tsa hao di ke di mamele ha ke etsa thapedi ya ka.
Furalla bobe, o etse botle; batla kgotso, o e pheelle.
Kgoba matshwafo, o lebelle Morena; o se ke wa itlhonamisa ka eo tsohle di mo atlang, e leng ya phethang merero e kgopo.
Oho, Modimo wa ka, ako sekehe tsebe, o mamele; ako tadime, o bone tshenyeho ya rona le ya motse ona o bitswang ka lebitso la hao. Dithapelo tsa rona ha re di lebise ho wena hobane re lokile, empa ke ka baka la ho tshepa mohau wa hao o moholo.